LIPOLOTIKI: LITABA:
Bohanyetsi bo hulanya Koloi majoeng Mosali o utsoa thepa ea sekolo
U ka bapatsa khoebo kapa tšebetso ea hau sebakeng sena. Letsetsa 6200 5494 Imeile: adverts@mosotho.co.ls
Mosotho
Leqephe la 2 Leqephe la 4
Puo e 'ngoe, Koranta e 'ngoe, sechaba se seng.
Mantaha la 28 Motšeanong, 2018
IMEILE: newstip@mosotho.co.ls
Mohala: 6242 1414
HA HO TUME LI MELALA-NTŠONYANA
M5.00
. . . Phori o koala maliboho BAQOLOTSI BA RONA Liho ai tsa b oe a le tsa b o ‘malitšibana li bolela ha hajoale seho se llile bat la kenya linala ho bona hore ha ba soabisi ‘muso oa Tona-Kholo Thabane, haele mona joale o ba loanela selutse hore likhoebo tsa bona li tiee li ikemele. Tsena li hlalositsoe ke lihoai le bahoebi ba banyenyane kamor’a hore ‘muso e phatlalatse kasete ea ho koala maliboho ho sirelletsa theko le thekiso ea boea ba likhutšoane, ekasitana le ho koala hore mahe a likhoho ho se kene ka har’a naha. Lehoja maikutlo a fapana ho e aka libaka ho fapana, empa boholo bo supa ha ‘muso e le mohla o nepileng hore Basotho ba ke ba iphate konoso, ba kene khoebong e le kannete. Hara a mang a mabaka ao Letona la Likhoebo tse Nyenyane le Limmaraka, Mong. Chalane Phori a ileng a beha ka phatlalatso ena, o boletse joale e le nako ea hore ‘muso o etse maano a reng ‘Mosotho le Lesotho pele’. Phori o boletse hore e se e le nako joale Basotho ba tseba kamoo boea ba bona bo lleloang ke linaha tsa lichaba-chaba, empa lihoai tsa
farelane le seiboko tsona li setse li ntse li le putsoanyana ba sa bontše kholo maphelong le khobong tsa bona. “Naha ena e lahleheloa ke limillione-millione tseo ho seng mang kapa mang ea tsebang moo li fellang teng,” Phori eo. O boetse a supa ha lihoai tsa Basotho tsa boe a esale li jesoa maphoqo thekong le thekisetsanong ea boea koana maotleng, moo ba neng ba emeloa ke bo-mekena-lipakeng ba khoebo, ho se moo bona b aka ikemelang ka teng. “Ke sup aka mohlala feela, re fihlile mona hothoe boea bo rekoa kabo-M80.00 kilokrama e le ‘ngoe, empa hona tjena re fihletse theko ea M110.00,” a hlalosa joalo. O re litaba tsa boea li ngata hona esale qaleho likholo li sa tla. A mpa a khothalletsa bohle ba nang le thahasello ho thomeng bnocha le kholisong ea khoebo ena ea boea ho tla nka karolo ba ipapisitse le melao le melaoana e teng ea tsamaiso. “E kholo ke hore bohle ba tlang koano ba re ke batseteli, re bone lipokello tsa bona tsa lichelete li le ka har’a naha ena, re koale masoba ane a chelete ea Basotho e hoholehelang linaheng tse ling,” ke Phori eo, a re e meng ea meoloana ea qalo-bocha e se
Large-Scale Full Colour printer of newspapers, newsletters and retail pamphlets, with FAST, QUALITY Service coupled with great value for money.
e bopelletsoe ka har’a melao, e le hore boea bo kutoe, bo hloauoe, bo hlatsuoe, bo ohloe, bo tekoe, le tsohle tse ka etsoang pele bo e-ea mabopong, moo bo tlang ho fihla bo nkha Lesotho, bo jere Lesotho bo bile bo itšupa Lesotho ka hohlehohle, bo hlobotse boforokannere bo neng bo se bo ikhapetse bona. O bile a supa hore le ba bo‘malitšibana le bona kajeno bat la imona menoana kaha joale maliboho a tla koala bakeng sa mahe. “Re entse boithuto, ka boela ka bitsa pitso ea khohola-koqo, ‘me Basotho ba mpolelletse hore ba keke ba hloloa ke ho fepela naha ka mahe. Joale re entse qeto, ke hore re bone matjato kahohle-hohle,” Phori a rialo, a bile a supa hore ‘muso o tla lula o lisitse maemo le hore lihlaisoa tsa Basotho e be tse fihlelang lipehelo tse holimo tsa bohlahisi. A qetella litaba tsa hae ka hore esale ho lutsoe holimo taemane le bokhoni boo Basotho b aka tsebang ho ithehela mesebtsi ka eona ‘me joale nako ea hore Basotho ba iponahatse ese e fihlile. Ntle le boea, mahe le lihlaisoa tse ling tsa temo, ‘muso o boetse o tlo khothaletsa ka matla tlhahiso ea lihlahisoa tsa Seshoeshoe, ‘me
lekala le se le entse maoa a hore ba bang ba lisehi tsa masela li tle li isoe koetlisong ho la China ho ea ithutela ho seha lisutu tsa maemo-emo le boqetseke bo bong mesehong ea moteno oa sejoale-joale. “muso o boetse o haketse haholo hore Basotho ba boee sekoele tlhahisong ea meroho le litholoana tseo ka tsona ho ka tšeloang libotlolong le makotokoting, ho etsa mangangajane ekasitana le ho tlhotla maro e le ho fepela mebaraka ea machaba le ea hae koano.
TEL: 266-2232 5494
www.firstprintit.biz sales@firstprintit.biz
PRINTING FOR:
Newspapers Supermarkets Wholesalers
Hardware Stores Furniture Shops Grocery Retailers
Car Dealers School’s Newsletters Real Estate Agencies NGO’s & Corporate Newsletters
M6 le Bo-nkhekhe ba tseka balumeli Baruti
Leqephe la 5
LHDA e ha eso patale mahlatsipa a mang
Leqephe la 5
incl VAT