Tokelo Ea Rona Ea Bolulo Bo Phethahetseng (2024)

Page 1

Tokelo Ea Rona

Ea Bolulo Bo Phethahetseng

Thlaloso e bonolo ea tokelo ea bodulo bo phethahetseng ka mehlala e tswang ho baahi ba matlo a sa reroang le mekhatlo ea selekane sa bona bokahareng ba Johannesburg.

1
ENGLISH SOTHO ZULU

Litaba

4 – 13 1

Tokelo ea ho ba le bodulo bo phethahetseng ke efe?

14 – 17 2

Litlameho tsa mebuso ea naha le ea se lehae ke life?

18 – 22 3

Ke karolo efe e baahi le mekhatlo ea bona, ba kae bapalang ho ntshetseng pele tokelo ea bodulo bo phethahetseng?

Tokelo ea ho ba le bodulo bo phethahetseng (e thehiloeng ke Phatlalatso ea Machaba a Kopaneng ea Litokelo Tsa Botho, 1948: Karolo 25) e hlalosoa ka kakaretso e le “tokelo ea ho phela kaekae ka tšireletseho, khotso le seriti”

2

Ke mang ea hlahisitseng tataiso ena?

Ka Loetse 2023, ASF-UK le 1to1 - Agency of Engagement li ile tsa hlophisa lithupelo tsa lithaka Johannesburg ho buisana ka tokelo ea bolulo bo phetehetseng bohareng ba toropo. Thupelo ena e hlophisitsoe hammoho le sehlopha sa IIED’s Housing Justice mme e ne e le karolo ea morero o tsoelang pele oa Change by Design Johannesburg. Bahlophisi ba sechaba ho tloha ho 1to1, ICF (Inner City Forum), ICRC (Inner City Resource Centre) le SERI (Socio-Economic Rights Institute) ba ile ba kenya letsoho thupelong ena. Nakong ea thupelo, re ile ra hlahloba se boleloang ke tokelo ea bodulo bo phethahetseng mme ra buisana ka litsela tsa ho ntshetsa pele tokelo ena bakeng sa baahi ba matlo a sa reroang ba lulang metseng e meholo, ebang ke matlong a sa reroang kapa meahong ntle le molao. Thupelo e ile ea fella ka khatiso ena e kopanyang lintlha tsa bohlokoa tsa lithahasello le litlhaloso tse hlahisitsoeng nakong ea lipuisano.

Boitlamo ba mebuso ea naha le ea sebaka leqhepheng 14-17 li hlalositoe ho: Matlo le tshebeletso tsa motheo ka tlase mona : Ka moo mebuso ya lehae le ya libaka e ntshetsang pele tokelo ea bolulo bo phethahetseng; e hlophisitsoe ke UCLG.

Sengoliloeng sohle se “lebokoseng le nang le moriti” se qotsitsoe leqhepheng la dinthla tsa “litokelo tsa bolulo bo phethahetseng la No.21/Rev 1,ka mokomishinara ea phahameng oa litokelo tsa botho. Lithlaloso tsohle ke ho tolokisa tokelo ena.

3

Tokelo ea ho ba le bodulo bo

phethahetseng ke efe? 1

Ho ea ka UN, bolulo bo phethahetseng bo tlameha ho finyella lintlha tse latelang. Li hlalositsoe khaolong ena.

1 – Tshireletso ea tejelo. Bodulo bo phethahetseng ha bo a lekana haeba baahi ba ona ba sena tekanyo ea tshireletso ya nakoana e tiisang tshireletso ea molao khahlanong le ho lelekoa ka likhoka,tlhekefetso le litshokelo tse ling.

2 – Phumaneho ea litshebeletso, lisebelisoa le meralo ea motheo. Bolulo ha bo a lekana haeba baahi ba ona ba sena metsi a sireletsehileng a nooang,tsamaiso e lekaneng ya likhoerekhoere,matla a ho pheha,ho futhumatsa, ho bonesa, poloko ya dijo kapa ho lahla matlakala.

3 – Khono ya theko. Bolulo ha bo a lekana haeba litshenyehelo tsa bona li setisa baahi ho thabela litokelo tse ling tsa botho.

4 – Ho luleha. Bolulo ha bo a lekana haeba bo sa tiise tshireletso ea mmele kapa ho fana ka sebaka se lekaneng,hammoho le tshireletso khahlanong le serame, mongobo,mocheso, pula,moya ,likotsi tse ling tsa bophelo bo botle le likotsi tsa moaho.

5 – Phihlello. Bolulo ha bo a lekana haeba lithloko tse khethehileng tsa lihlopha tse hlokileng menyetla li sa hlokomeloe.

6 – Sebaka. Bolulo ha bo a lekana haeba bo kgaotsoe ho tsa menyetleng ya mesebetsi, ditshireletso ea bophelo bo botle, likolo, litsi tsa tlhokomelo ya bana le litsing tse ling tsa sechaba, kapa haeba li le libakeng tse silafetseng kapa tse kotsi,

7 – Tekano ea setso. Bolulo ha bo a lekana haeba bo sa hlomphe le ho ela hloko polelo ea boitsebahatso ba setso.

4

Tshireletso ea tejelo 1.1

Bolulo bo lekaneng ha se feela lebaka la hoba le sebaka sa bolulo. Empa e boetse e bolela hore o lokela le hoba le sebaka sa bolulo moo o sirelletsehileng ho lelekoeng ho seng molaong, litshosong kapa ho hlekefatsoa ke mmuso kapa ke mang kapa mang.

Sena se re ama joang?

• “Melao ea rona e sireletsa baahi hore ba se ke ba lelekoa kantle ho molao,empa hase hangata e latelloang”.

• “ Batho ba lulang mona ba ka nna ba eba le litumellano tsa khiriso,empa lilumellano tsena li ka nna tsa se ke tsa amoheloa ke molao.”

• “Hoba le likamano lipolotiking kapa bolumeding ha maloko a komiti ea tsa bolulo bo sa reroang kapa baeta-pele ba tsona bo ka ama boemo ba tshireletso khahlanong le ho lelekoa.”

• “ Hangata ha ho hlake hore na mmuso oa se lehae otla fana ka matlo alekaneng bakeng sa baahi.”

• “ Hang ha setsha kapa moaho o khethetsoe ho ntlafatsoa, tshireletso ya ho tejeloa ea eketseha, mme menyetla ea hore motho a qobelloe ho lelekoa ea fokotseha.”

• “Ho na le hore motho e mong le e mong a be le sebaka sa hae, re ka nahana ka litsela tse sa tsoaneng tsa ho ba le sebaka se sireletsehileng sa ho lula, joalo ka litumellano tsa molao tsa khiriso, ho arolelana beng, kapa beng ba sechaba. ”

5

Naa sena se bolela hore motho emong le emong ona le tokelo ea hoba le ntlo ea hae?

Tjhe,tokelo ya hoba le matlo ha e tshwane le tokelo ea thepa. Tumellano e sireletsehileng ea khiriso kapa tokisetso ea karolelano ea seo ba nang le sona le oa e ka fana ka “tulo e sireletsehileng.”

6
Phumaneho ea litshebeletso, lisebelisoa le meralo ea motheo 1.2

Ho bolelang? Bodulo bo phethahetseng bo kenyelletsa phihlelo metsi a sireletsehileng a nooang,tsamaiso e lekaneng ya likhoerekhoere,matla a ho pheha,ho futhumatsa, ho bonesa, poloko ya dijo kapa ho lahla matlakala.

Sena se re ama joang?

• “Libakeng tsa meaho esa reroang, batho ba iketsetsa litshebeletso tse kang tsa matloana le marangrang a matla a motlakase.Le ha hole joalo, litshebeletso tsena li ka ba kotsing ea ho senyoa. Ho netefatsa polokeho ea tsona, ka linako tse ling liofisiri tsa tshireletso ea sechaba li behoa sebakeng tsena ho hlokomela le ho sireletsa litshebeletso tsena.”

• “Kantle ho litshebeletso tse lekaneng,likhokahanyo tse sa sireletsehang tsa matla le tshebediso ea likerese li ka baka kotsi ea ho qhoma ha mollo. “

• “Matloana a kanna a ba libakeng tse sa sireletsehang bakeng la basadi le bana ho ka lisebelisa bosiu.”

• “Lesebelisoa tsa litshila le tsa ho sebelisa lintho tse seleliso meaho esa reroang .”

Lenane la palo ea rona e bontshang palo ea batho ba lulang mona ke ena. Joalo kaha o bona,matloana a likhemikhale ha a lekana.

7

Khono ya theko 1.3

E bolelang? Bolulo ha bo a phethahala haeba bo theko e boima hoo bo amang litokelo tse ling tsa botho, mohlala, phihlello ya lijo.

Sena se re ama joang?

• “Litokisetso tsa khiro li ka nna tsa eba teng matlong a sa reroang, ho bolelang hore hase baahi bohle ba meaho a sa reroangg ba lulang moo ntle le tefo. Litokisetso tse sa reroang tsa khiro li ka bitsa chelete e ngata. mme ho bontsa eka maano ha a sireletse baahi bano.”

• Meaho eo batho ba dulang ho eona ka tsela eseng molaong le matlo a sa reroang,hangata eba eona feela khetho ea bolulo e theko e tlaase metseng e ka hare bohareng ba toropo bakeng sa batho ba nang le mesebetsi kapa boitlamo bo bong Johannesburg.”

• “Litshenyeho tsa ho ntlafatsa meaho e hapiloeng ho finyella boemong ba bodulo bo phethahetseng li ka ba hodimo.”

• “Meahong e hapiloeng, moetapele kapa komiti e ka bokella litefelo bakeng sa ho itokesetsa kapa ho lokisa litshebeletso”

Kene ke lula moo,empa rente e ile ea eba boima haholo. Hona joale, ke ntse ke buisana le ba bang ka se re ka se etsang ho sireletsa bahiri ka tokelo ya bona ya bodulo bo phethahetseng metseng e sa reroang.

8

Ho luleha 1.4

Ho bolelang? Bodulo bo hloka ho o boloka o sireletsehile,bo o nehe sebaka se lekaneng sa ho o sireletsa ho lipuleng, mollo, moya, mocheso, mongobo, serame le litshokelo tse ling ho meaho kapa tsa bophelo bo botle.

Sena se re ama joang?

• “Bongata ba matlo a sa reroang ha a fihlelle litlhoko tse tlase tsa ho lula mme hoba le likotsi tse ngata , tse kang tsa mello, ho se tsitse ha meaho le likhohola.”

• “ Tshireletso ya basadi,bana le batho ba baholo hangata e kotsing metseng ea sa reroang.”

• “Metsi a maputsoa le litshila hangata e ba kotsi ea bophelo bo botle dibakeng tsa matlo a sa reroang.”

• “Kgaello ya sebaka e etsa hore motho a seke a ba le sebaka sa bomong,le sebaka sa ho boloka lijo, haholo - holo meahong enang le batho e bileng e teteaneng e ka hare ho metse moholo”

• “Basebeletsi ba tshireletso ea sechaba ba ka fana ka boemo bo phahameng ba tshireletso mme ba lebisa litshebetsong tse etelletsoeng pele ke sechaba,tse kang tse lefelloang ke SEF(Social Employment Fund).”

Mohato oa pele oa lenaneo la rona la ntlafatso ea bodulo ke ho theha litsela tse hlakileng bakeng sa polokeho e ntle ea mollo. Litsela li ile tsa khothaletsoa ke baahi mme tsa sebelisoa ke lekhotla ho ntlafatsa sebaka sa bolulo.

9

Phihlello 1.5

E Bolelang? Bodulo bo tlameha ho nahanela litlhoko tse ikhethang tsa batho ba tlokotsing le ba khesehang,ho kenyeletsoa batho ba nang le bokoa, baholo, bana, basali, lihlopha tse fokolang joalo-joalo.

Sena se re ama joang?

• “Sebakeng seo ke dulang ho sona,batho ba tsamaeang ka litulo tsa mabili le batho ba holileng ba thatafalloa ke ho sebelisa matloana akhemikhale a fanoeng ke mmuso.”

• “Ka nako tse ling basali ba qobelloa ho kopanela liphate ele hore ba fumane litshebeletso tse itseng.”

• “Batho ba holofetseng mmeleng ba ka nna ba thatafalloa ke ho tsoa sebakeng ba tshireletsehile haeba ho ka cha.”

• “Litselana le litsela hali tsamaee hantle bakeng sa batho ba nang le mathata a hotsamaya”

• “Tokelo ea ho ba le bolulo bo lekaneng bakeng sa baahi ba tsoang linaheng tse ling,ebang ba ena le litokomane kapa habana tsona, hangata ha e hlokomeloe.”

Ebe sena se sebetsa le ho batho ba tsoang linaheng na?

Baahi ba linaha tse ling bana le tokelo etsoanang le ea baahi ba koano eao fumana maemo a bophelo a lekanang le tokelo e lekanang ea hoba le thepa. Le ha ho le joalo,ba ka nna ba se be le tokelo ea ho fumana tshehetso ea matlo e tsoanang, e tsoang mmusong eo baahi ba naha ena ba e fumanang ho mmuso oa Afrika Borwa.

10

Sebaka 1.6

Se bolelang? Bolulo bo tlameha ho ba sebakeng se loketseng. Ha sea lokela ho o khaola menyetleng ya mesebetsi, litshebeletso tsa bophelo bo botle, likolo, litsi tsa tlhokomelo ya bana le litsing tse ling tsa sechaba. Bolulo le bona ha boa tlameha ho behoa libakeng tse silafetsenng kapa tse kotsi.

Sena se re ama joang?

• “ Litsha tse fumanoang bakeng tsa matlo a sa reroang, hangata li silafetse kapa meaho hae a tsitsa, mohlala, ka baka la mesebetsi ea ho rafa ya khale.”

• “Metse e mengata ea matlo a sa reroang, e hole le likolo. Sena se baka mathata a maholo ho baahi, haholo_holo bana.”

• “Tshireletso ea bana sebakeng se itseng kapa ho potapota meaho e itseng eka etsa hore sebaka se be se sa lokelang bakeng sa bodulo.”

• “Ho haella ha libaka tsa ho bapala ke taba e tloaelehileng metseng e sa reroang.”

• “ Matlo a ka hara meaho e ka hare ho toropo hangata a lutse libakeng tse ntle moo ho leng bonolo ho fumana litsebeletso, mabenkele le lipalangoang ka mefuta.”

Ebe sena se sebetsa le ho phalliso na?

Eea! Afrika Boroa mona ,phalliso e tlameha ho ba sebakeng sa 5 km ho tloha setsheng sa ho lelekoa

11

Tekano ea setso 1.7

Tlhaloso: Tulo ea bolulo e tlameha ho hlompha le ho ela hloko boitsebahatso ba hao ba setso.

Sena se re ama joang?

• “ Libaka tse ling metse toropong ,tse kang Jeppe, e kanna ea eba libaka tseo baahi ba litso ka mefuta ba ka kopanang teng.”

• “ Matlo a nakoana a phalliso a fanooeng ke lekhotla,hangata ha a hlomphe litlhoko tse sa tshoaneng tsa setso le bolumeli.”

• “ Ka lebaka la khaello ea sebaka ka kakaretso,hangata ha ho na libaka tse khethiloeng bakeng sa lipokano tsa boithabiso kapa thapelo.”

• “ Litlhoko tsa malapa a atolositsoeng hangata ha nahanoe ka ho lekaneng, metseng esa reroang.”

• “ Baahi ka kakaretso bana le maikutlo a hlakileng a hore na tekano ea setso e akarelletsa eng bakeng sa mahae a bona, meahong, kapa metsaneng ya bona.”

Joale kaha re se re tseba ka tekano ya setso,re lokela ho buella hore ho be le matlo a lumellanang le mesebetsi ea rona ea setso.

12

Sena se bolelang?

Ebe one o tseba hore ho ea ka United Nations, phihlelo ya bolulo bo phethahetseng e tshoanela ho lekana esa khetholle?

Se bolela hore motho e mong le e mong o na le tokelo ea ho fumana sebaka sa ho phela ka tshireletso, khotso le seriti, ho sa tsotellehe hore na ke batho ba mofuta ofe, bong, morabe, bolumeli, puo, maikutlo a lipolotiki kapa bochaba ba bona.

Bolulong, khethollo e ka nka sebopeho sa molao , maano, kapa mehato ea khethollo, melaoana ea libaka; ntshetso pele ea leano la khethollo ; hoqheleloa ka thoko melemong ea bolulo; ho haneloa ka tshireletso ea nako ea ho tejeloa; hohloka monyetla oa ho fumana sekoloto ; karolo e fokolang ea ho etsa liqeto.

13 13

Ke life litlameho tsa mebuso ea naha le mebuso ea sele-hae? 2

Ho ea ka United Nations, naha e na le litlameho tse latelang. Li hlalositsoe ka ntlha le ntlha khaolong ena.

Boitlamo ba naha bo oela hlopheng tse tharo, eleng boitlamo ba ho hlompha, tshireletso le phethahatso.

1 – Boitlamo ba ho hlompha bo boloka hore linaha li hane ho itshunya tshunya ka kotloloho kapa ka mokhoa o sa tobang ho natefeloa ke tokelo ea bolulo bo phethahetseng.

2 – Boitlamo ba ho tshireletsa bo hloka hore linaha li thibele batho ba boraro ho kena kenana le tokelo ea ho ba le bolulo bo phethahetseng.

3 – Boitlamo ba ho phethahatsa bo hloka hore linaha li amohele melao e nepahetseng, tsamaiso, tekanyetso, boahloli, papatso le mehato e meng ho phethahatsa ka botlalo tokelo ea bolulo bo phethahetseng.

14

Boitlamo ba ho Hlompha 2.1

Molao oa naha, oa libaka le ea lehae e lokela ho hlompha le ho ananela litokelo tsa bolulo tsa batho ba nnileng ba khetholloa ka mokhoa o hlophisitsoeng, hammoho le ho ananela mekhoa ea bolulo le tsebo e fetang moeli oa molao.

Sena seka shebahala joang ka hare ho toropo ea Johannesburg:

• Lemoha meaho e hapiloeng ele menyetla ea bolulo sebakeng se loketseng.

• Utloisisa melao ya puso se lehae le ya libaka le ho rarahana ha eona (mohlala, karolo ea baetapele ba setso le likomiti ..).

• Utloesisa phihlello ea baahi ba tlokotsing ka ho fetisisa (mohlala,batho ba nang le bokoa, bana, maqheku, bafalli. batho ba hohelehileng, le malapa a motsoali a le mong…).

• Lemoha baahi ele batho ba tshoereng tsebo ebile ele mohloli o tshepahalang oa tsebo ya sechaba.

• Elelloa bohlokoa ba bakena lipakeng/batshehetsi, tshebetsong (mohlala,mekhatlo e ikemetseng (NGOs), lihlopha tsa sechaba, mekhatlo e ikemetseng kapa boetapele ba meloko).

• Ela hloko thepa ea sechaba le bokhoni ba baahi ho hlokomela le ho laola matlo a bona.

• Ela hloko karolo ea mmuso oa lehae ea ho buisana le baahi ka tsela e nang le merero.

• Lemoha ha litokelo li sa kgotsofatse mme o bue ka tsela e pepeneneng.

15

Boitlamo ba ho Tshireletsa 2.2

Mebuso ea naha, ea libaka le ea se lehae e bapala karolo ya bohlokoa ho sireletseng litokelo tsa bolulo ka ho theha melao le likhothatso tse thibelang tsoaro e leeme le ho lelekoa ka likhoka.

Sena seka shebahala joang ka hare ho toropo ea Johannesburg:

• Sireletsa litokelo tsa batho ka bong maemong a senang molao (mohlala ,bahiri ba sa reroang, bafalli ba senang litokomane).

• E sireletsa litokelo tsa baahi ba tlokotsing (mohlala , batho ba nang le bokoa, bana, maqheku, batho ba hoheloang, malapa a motsoali ale mong...).

• Khothaletsa mefuta e mengata ea khetho bakeng sa nako e sireletsehileng ea ho hira- ho kenyeletsoa mekhoa e kopanetsoeng le ea motho ka mong.

• Ho arabela likhaello tsa phano tse hlahisitsoeng ke baahi le mekhatlo ea bona.

• Sireletsa baahi hore ba se ke ba lelekoa ka likhoka ntle le bolulo bo bong bo phethahetseng.

• Theha sebaka se sireletsehileng bakeng sa baahi ho tlaleha mefokolo le liphoso.

• Theha litshusumetsotse sireletsang lintlafatso tseo motho a iketselitseng tsona (bakeng sa basebeletsi ba tshireletso ya sechaba ba lefuoang, ba ka netefatsang hore liphanele tsa letsatsi tse iketselitoeng ha li senngoe kapa ho utsua).

16

2.3 Boitlamo ba ho Phethahatsa

Mebuso ya naha,ea libaka ,le ea se lehae e bohlokoa bakeng sa ho phethahatsa litokelo tsa bolulo ka ho nolofaletsa le ho fana ka matlao ka ho toba , hammoho le ho tshehetsa lihlopha tse hlophisitsoeng tsa bolulo le matsapa a kananelo bakeng sa ntlafatso ya matlo a sa reroang.

Sena seka shebahala joang ka hare ho toropo ea Johannesburg:

• Etsa hore ho be le ntlafatso ea meaho eo batho ba lulang ho eona ka tsela e seng melaong (ke hore,ka ntlafatso ea lenaneo la meaho e sa reroang - Upgrading of Informal Settlement Programme (UISP) bakeng sa meaho).

• Etsa hore ho be le mekhoa e kopanetsoeng ,ea ho iphelisa le ea hoithusa (mohlala, ho tshehetsa ntlafatso ea meaho ka ho iketsetsa (DIY) ho kopanela le baahi bohareng).

• Tshehetsa baahi ho tsamaiso e kopanetsoeng le litokisetso tsa tshireletso (mohlala, ka ho tiisetsa baithaupi ba tshireletso ea sechaba).

• Theha mekhoa ea tshebelisano lipakeng tsa banka karolo ba fapaneng, baahi , mekhatlo e ikemetseng (NGOs), mekhatlo ya poraefete le puso ya libaka tsa mahae.

• Etsa ho be bobebe ho fumana lithuso ke baahi ba ena le tokelo ea ho fumana thuso.

• Eba le mekhoa e hlakileng le e hlokang leeme ea hore mekhatlo ea baahi le ea sechaba e utluoe ke ba mmuso ba etelletseng tsamaiso ea ntlafatso.

17

3.0

Baahi le mekhatlo ea bona baka bapala karole efe ho ntshetsheng pele tokelo ea ho ba le bolulo bo phethahetseng?

Batho ba na le tokelo ea ho keya letsoho liqetong tse mabapi le bolulo ba bona. Haeba litokelo tsa bona lisa hlomphuoe, ba ka sebetsa le mekhatlo ea bona le marang rang a tshehetso ho etsa hore mmuso o ikarabelle. Sena se bohlokoa haholo ho etsa bonnete ba hore motho e mong le emong ona le sebaka se phethahetseng sa bolulo.

Empa, lihlopha tsa sechaba le batsoantsisi ba sechaba ba ka etsa ho fetang ho totobatsa seo mmuso o sa se etsang. Baka:

• (1) Abelana lintlha le tsebo

• (2) Fana ka tshehetso ea molao ho baahi ba tobaneng le ho lelekoa ho seng molaong

• (3) Bontsha mehlala ea ntlafatso e etelletsoeng pele ke sechaba, e finyellang litekanyetso tsa bolulo bo lekaneng

• (4) Kena lipuisanong ka thuto ea sechaba le mekhatlo ea ho aha

• (5) Ithute libakeng tse ling mme o leke likhopolo tse ncha

18

3.1

Arolelana lintlha le tsebo

Baeletsi ba sechaba ho tsoa mekhatlong e kang 1to 1- Agency of Engagement and Planact ba lula ba bokella lintlha le tlhahiso leseding mabapi le metsana eo ba lulang ho eona.Tlhahiso leseling ena e etelletoeng pele ke sechaba e bohlokoa haholo ha mmuso lehae o hloka tlhahiso e nepahetseng mabapi le metsana kapa meaho, kapa ba sa fane ka yona.Tlhahiso leseding esa nepahalang e sebedisoang ke baMmuso oa tsa lehae le ba le ba makala a ntshetso pele ho etsa liqeto e baka hore lintshetso pele li hlolehe ho fihlela litlhoko le litakatso tsa baahi. Ha sechaba se ena le taolo holima boitsibiso ba ntlha tseo ba li bokellang, se ba boemong bo matla haholoanyane ho qalisa lipuisano,ho batla litlhoko le ho etsa hore mebuso e ikarabele. Ka ho bokella le ho arolelana tlhahiso leseding mabapi le libaka tseo ba lulang ho tsona ,sechaba se ka etsa bonnete ba hore mmuso o phethahatse boitlamo ba ona ba ho ntshetsha pele litokelo tsa bolulo.

3.2

Tshehetso ea molao

kahlanong le ho lelekoa

Mekhatlo e kang SERI le ICF e fana ka tshehetso ea molao ho baahi ba tobaneng le ho lelekoa ho seng molaong.Ba ka hlahisa litokomane tsa tataiso le ho emela malapa lekhotleng ka kakaretso. Ba tla hlahisa ho molao oa naha le oa machaba ho netefatsa hore litokelo tsa botho lia fihlelleha. Ka ho etsa sena ba tiisa hore mmuso o phethahatsa boikarabelo ba ona ba ho sireletsa litokelo tsa bolulo tsa baahi ba oona.

Ho tseba haholoanyane: SERI’s Resource Guides

19

Boikitlaetso bo etelletsoeng pele ke sechaba 3.3

Mekhatlo ekang 1to1 le Planact e bontshitse kamoo sechaba se ka etellang pele ho ntlafatsa meaho ea bona. Boiphihlelo le liketso tse entsoeng nakong ea lintlafatso tsena tse etelletsoeng pele ke baahi li ka sebetsa ele motheo oa ntshetso pele litsamaiso le maano a se mmuso. Ha lichaba li nka bohato ba ho ntlafatsa maemo a sona a bophelo le ho ngola mesebetsi ea sona, ho fana ka thuto ea bohlokoa eo batho ba ka ithutang ho eoana. Banka karolo ba lithupelo ba khothalelitse hore basebetsi ba mmuso setsing sa polokelo le boemong ba naha ba kenelle ho ithuteng ho tsoa mererong e teng e etelletsoeng pele ke baahi ele hore ba be le lisebelisoa tse ntle tsa ho sebetsa le baahi ho phethahatsa tokelo ea ho ba le bodulo bo phethahetseng.

3.4 Thuto ya sechaba le mekhatlo ea kaho

Ho ntlafatsa puisano le tshebelisano le sechaba litabeng le ho etseng liqeto, mekhatlo ea sechaba e ka theha likamano le ho thea meralo ea tshebelisano - mmoho le basebeletsi ba mmuso ea se lehae. Mohlala oa tshebelisano e joalo ke setsi sa ho ithuta sa motse oa Freetown,Sierra Leone. Sethala sena se sebetsa ele sebaka sa banka karolo ba fapa fapaneng, joale ka balaoli ba libaka ,mekhatlo e ikemetseng (NGOs), le baemeli ba matlo a sa reroang, ho arolelana liphihlelo tsa bona , ho hokahanya matsapa a bona ,le ho sisinya litharollo tsa ntlafatso.

Ho tseba haholoanyane: Principles of Engagement for the City Learning Platform in Freetown (Melao-motheo ea ho Kopanela Sethala sa ho Ithuta sa Toropo se Freetown)

20

Ho ithuta ho tsoa libakeng tse ling 3.5

Ka nako tse ling,mehopolo e mecha le e thusang ea ho rarolla mathata a lehae ese e ile ya sebelisoa libakeng tse ling. Mekhatlo ya machaba ekang ASF-UK le IIED e bapala karolo ea ho khothalletsa thuto pakeng tsa libaka tse fapaneng. Ka ho etsa joalo, sepheo ke ho felisa likhohlano tse sa thuseng lehae, ho hlahisa maikutlo a macha ,le ho bontsha hore mekhoa e meng e ka khoneha.

Mohlala, São Paulo, Brazil. mekhatlo ea sechaba ea bolulo e nnile ea leka ka katleho mekhoa ea ho ntlafatsa meaho eo ho kenoeng ka mahahapa e sebelisana le baahi. Maemong amang, baahi ba meaho ena ba sebelitse ka katleho le mebuso ea libaka hore meaho ea bona e ntlafalitsoeng e ananeloe le ho tshehetsoa ele matlo a sechaba. Ho bohlokoa ho amohela hore boemo bo bong le bo bong bo ikhethile, mme re keke ra khona ho fetisetsa maano le litloaelo ho tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng. Le ha hole joalo,ka ho utloisisa le ho kenya letsoho lipuisanong tse nang le liphihlelo tse tsoanang, re ka inahanela litsela tse ncha tsa ho fana ka bolulo bo phethahetseng metseng e bohareng ba Johannesburg.

21

Ho bala le ho arolelana tataiso ena ho ka thusa ho ntshetsa pele tokelo ea bolulo bo phethahetseng. Thuto ea sechaba e phetha karolo ea bohlokoa ho elelloeng, ho sireletsa le ho phethahatsa tokelo ena. Sena se kenyelletsa ho utloisisa litokelo, maano le mekhoa e tobileng sebaka sa rona.

Koano Afrika Boroa tokelo ea rona ya bolulo bo phethahetseng e tiisitsoe ke molaotheo oe naha.

Molaotheo oa Afrika Boroa 1996,Article26 oa matlo:

Article 26. Housing:

(1) Motho emong le emong ona le tokelo ea ho ba le bolulo.

(2) Mmuso o tshoanetse ho nka mehato e utloahalang ea semolao le mekgoa emeng,ho fihlella phethahatso e tsoellang pele ya tokelo ena.

(3) Ha ho motho ea ka lelekoang lehaeng la hae, kapa ntlo ea hae ea heletsoa ntle le taelo ea lekhotla e entsoeng ka morao le ho hlahloba maemo ohle a amehang. Ha ho molao o lumellang ho ntsoa ka ntle ho mabaka.

22

Liteboho

Bafini

Bahlophisi

Beatrice De Carli, Tamara Kahn (ASF-UK)

Bafani ba Mongolo

Jhono Bennett, Jacqueline Cuyler (1to1), Alexandre Apsan Frediani (IIED), Itumeleng Tlokotsi (1to1)

Moralo le lipapiso

Emma Carpenter (ASF-UK)

Liphetolelo

Hlamalani Rikhotso

Lisebelisoa tsa Bohlokoa

Litlhaloso tsa Tokelo ea Bolulo bo phethaheteseng tse sebelisitsoeng tokomaneng ena li nkiloe ho:

OHCHR (Ofisi ea Mokomishinara ea Phahameng oa Machaba a Kopaneng bakeng sa Litokelo tsa Botho) le UN-Habitat (Lenaneo la Machaba a Kopaneng la Bolulo ba Batho), The Right to Adequate Housing – Fact Sheet No. 21/Rev.1 (Geneva: OHCHR, 2009).

Litlhaloso Karolong ea 2 li tsebisitsoe ke:

Litoropo tse Kopaneng le Mebuso ea selehae (ed.), Litshebeletso tsa Bolulo le tsa Motheo ho tloha ka tlase: Kamoo mebuso ea libaka le ea libaka e ntshetsang pele tokelo ea ho ba le bolulo bo phethahetseng - Mebuso ea Libaka le Mebuso ea selehae ho HLPF ea 2023, Pampiri ea 1 (Barcelona: UCLG, 2023).

23

Bafani ba Lithupelo:

1to1 – Agency of Engagement: Cornelia Busiswa Tsibiyana, Noluthando Geja, Florence Gule, Percy Masango, Dumisani Mathebula, Balungile Mntaka, Bonginkosi Ndlovu, Julia Phora, Itumeleng Tlokotsi

ICF (Inner City Federation): Siyabonga Mahlangu, Lizwelthu Ndlovu, Sifiso Zuma

ICRC (Inner City Resource Centre): Monica Hassamo

SERI (Socio-Ecolonic Rights Institute): Lauren Royston

Ho qotsa:

Architecture Sans Frontières UK, 1to1 Agency of Engagement le International Institute for Environment and Development, “Tokelo Ea Rona Ea Bolulo Bo Phethahetseng” (London: ASF-UK, 2024).

24

Turn static files into dynamic content formats.

Create a flipbook
Issuu converts static files into: digital portfolios, online yearbooks, online catalogs, digital photo albums and more. Sign up and create your flipbook.