Tshomo Ya Tiisetso

Page 1

©


T r a n s l at i o n s : S e s o t h o, E n g l i s h , X h o s a , S h o n a , T s h i v e n d a


Copyright Š 2015 | Sibahle Productions (PTY) LTD

Written by Ruramai Musekiwa | Translated by Julie Motseki Illustrated by Thabiso James Moledi


KGALE KGALE Motsaneng omong hone hoena le nkgono le setloholwana sa hae. Lebitso la nkgono ene ele Thakane mme setloholwana sena sa hae ene ele Tiisetso. Tiisetso ene ele modisana wa dinku tsa nkgono Thakane. Jwale Tiisetso one a qoqa le nkgono wa hae kamora dijo tsa mantsiboya moo nkgono aileng abua ka tsela ena. “Tiisetso ngwana wa ngwanaka ohodile jwale ntjhanyana, mme’ nako efihlile ya hore ophahame oye obatle letlotlo la gauta leo ole sihetsweng ke ntatemoholo wa hao. Letlotlo leo le mane thabeng ya Thokwa mose ho moru ola otshabehang wa madimu. Jwale nka sabole ke ena, le mollo otsebe ho hotetsa ha hobata. Robala he ophomole.� Letlotlo leo le ne le patilwe tlasa lefika thabeng moo empa tsela ene ephunyeletsa morung wa madimo atshabehang. Leeto leo le ne le tla nka matsatsi amararo ka maoto.




Hoseng ha tsatsi le hlahlamang Tiisetso wa batho a tsoha esale ka matjeke. Nkgono Thakane omofile mofao wa dipolokwe, le nama ya nku, le mahlewu . “Tsamaya hantle he setloholwana sa BaKoena, otiye hobane tseleng moo otla kopana le dintho tse tshosang, empa hopola letlotlo leo la gauta le tla bebofatsa bophelo ba hao. Ramasedi otla opepa aofe matla a ho tiisetsa ha ole kotsing obine . Ke eo Tiisetso akena tseleng hang ha nkhono Thakane aqeta ho bua mantswe ana. ka letsatsi la pele ha tsatsi le dikela one ase akena morung wa madimu. Letswalo le ne le otla ka tsela emakatsang ha a nahana hore one tobane le ntwa le ledimo.


One a kgathetse alapile. Jwale abesa mollo hore afuthumale abe aje. Eitse ha a qeta ho ja abeha hloho ya hae hodima kutu ya sefate arobala. Ha antse akgalehile autlwa letsohohadi le mo phamola ha bohloko aba a tsoha borokong. Eitse ha a lebella abona ledimo le tshabehang le mahlo a maholohadi le maoto a tshabehang ka boholo le eme kahodimo ha hae. Jonana! Tiisetso wa batho okotsing ya ho bolauwa ke ledimo leo.



pre-order a copy Contact: info@sibahle.com



Turn static files into dynamic content formats.

Create a flipbook
Issuu converts static files into: digital portfolios, online yearbooks, online catalogs, digital photo albums and more. Sign up and create your flipbook.